People on the Move - Putting People first, setting trends
Maseru...............95.0MHz
Re le PMR FM re le lakaletsa Keresemese e monate - Teketang ka boikarabelo
Catch Uncle Bliss Every Sunday on PMR FM. 95.0 MHz - You can listen online : www.pmr.co.ls
'Muso oa Lesotho ka lekala la
mesebetsi ea sechaba le lipalangoang, o entse phatlalatso ka mekhoa e mecha ea kabo ea linomoro tsa makaloi (Number plates). 1. Linomoro tsa makoloi li se li tlo nka lilemo tse leshome (10) pele li felloa ke nako. 2. Beng ba makoloi ba se ba tla etsa likopo tsa linomoro tsa makoloi a bona ba le seterekeng sefe kapa sefe ntle le tΕ‘itiso ea Letho. Mohlala: koloi e ngolisitsoeng Maseru eka etsetsoa kopo ea nomoro ea eona ofising e Leribe haese ele nako ea ho nchafatsa. 3. Maralo ona, o tla kena tΕ‘ebetsong ho tloha ka la 01 Loetse 2025 ha o ne o lokela hore ebe e kena tsebetsong ho tloha hosasa ka la 01 MotΕ‘eanong 2025. Lebaka la hore moralo ona o liehe ho kena tsebetsong, ke hobane ho ile ha hlokomeleha hore hona le likarolo tsa molao tse hlokang ho lokisoa ele ho sireletsa nomoro tsena tsa makoloi kaha ho fumanehile hore hona le Basotho ba neng ba se ntse ba iketsetsa nomoro polata ea lefofo. Limoro li se li tlo ba le nomoro ea marangrang e tsebahalang ka hore ke ππ πΆπππ ele mokhoa o mong oa hore li khetholohe ho tsa lefofo.