People on the Move - Putting People first, setting trends
Maseru...............95.0MHz
Morena oa Taung Ha Monyake, Mohalesuku, o re monna oa motse oo o thunyelitsoe lefu ke banna ba bane ba sa tsejoeng bosiung ba moqebelo oala leshome le metso e robeli, baba ba nyamella lefifing. Morena Moletsane Bohosi o re o ile a fumana tlaleho ka ntat’a mofu hore monna eo, o ile a thunngoa a qeta ho koala khoebong ea hae, ke banna ba ileng ba bonoa ba qachame tlas’a makhala a haufi le lelapa leo. O re ka mor’a ho hlasela lelapa le ho bolaea mohoebi, ba thuntse molekane oa hae letsoeleng, a okoa sepetlele le ho lokolloa, ’me sepolesa sa setereke seo, se ntse se tsoelapele ka lipatlisiso.
Batho ba robeli ba amohetsoe sepetlele sa Berea, ka maqeba a mabe, ha a le mong pelaelo e le hore o feletsoe ke bophelo kamor’a ho amehang kotsing ea koloi e nyenyane le teraka tse thulaneng sa lipheleu haufi le borokho ba noka ea Phuthieatsane, kala leshome le metso e robeli pherekhong 2025. Tlaleho e supa hore, teraka e ne e hlaha ‘nqa ea Leribe ka batho ba bane ho kenyelletsoa le moqhobi, ha e nyenyane e ileng ea kena tlasa eona e ne e palamisitse batho ba bahlano e hlaha ‘nqa ea Berea, , ’me bao ba ile ba potlakisetsoa sepetlele ke basamaria ba ileng ba potlakela mokhosing Mme ho fihlela kajeno, ba ntse bale sepetlele.
Moshanyana ea lilemo li leshome le motso ole mong oaha Thetsane Maseru o tlalehoa a ne a ntse a tola le babang ba metsoalle ea hae nokeng ea mohokare haufi le matamo a WASCO, moo ba ileng ba noela bale babeli empa emong a pholosoa ka sontaha sala leshome le metso e robong pherekhong. ...
Moshanyana ea lilemo li leshome le motso ole mong oaha Thetsane Maseru o tlalehoa a ne a ntse a tola le babang ba metsoalle ea hae nokeng ea mohokare haufi le matamo a WASCO, moo ba ileng ba noela bale babeli empa emong a pholosoa ka sontaha sala leshome le metso e robong pherekhong. Sepolesa sa matsholo a ikhethileng se ile sa fihla sebakeng Seo, sa kena ka nokeng , ho tsoma moshanyana enoa, empa ha se ea mofumana kaha pelaelo ELE hore, moo a notseng teng ho tibile,Mme patlo ea moshanyana etla boela e tsoelapele kajeno.